Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:42 - BIBELE

42 Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Nea ya qelang ho wena, o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Naya ya o kopang, mme ya ratang ho adima ho wena, o se ke wa mo furalla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Naya ya o kopang, mme ya ratang ho adima ho wena, o se ke wa mo furalla.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:42
26 Referencias Cruzadas  

Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi.


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Empa: “Ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe; ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong.”


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos