Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:8 - BIBELE

8 “Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: ‘Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:8
22 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Jwale ba atamela mookamedi wa lelapa la Josefa, ba bua le yena a le monyako wa ntlo,


“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.


“Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’


“Ba qadileng ho sebetsa ha e batla e eba hora ya bohlano ba tla, ba amohela denare e mong le e mong.


“Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona.


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.


hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.


O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.


Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos