Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:24 - BIBELE

24 Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Yare ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Yare ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:24
17 Referencias Cruzadas  

Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.”


Bakeng sa mesebetsi ya Tempele ya Modimo ba fana ka kgauta eo boima ba yona bo fetang dithane tse lekgolo le mashome a supileng, le silefera eo boima ba yona bo fetang dithane tse makgolo a mararo le mashome a mane, le lethose le etsang boima bo ka bang dithane tse makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi, le tshepe eo boima ba yona bo fetang dithane tse dikete tse tharo le makgolo a mane.


Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong.


Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka.


Morena, o se ke wa ntima lerato la hao, mohau wa hao le nnete ya hao di nne di mpoloke ka mehla yohle.


“Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona.


Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.


A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang


ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.


Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re: ‘Monghadi, o ne o ntshietse ditalenta tse hlano. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse hlano.’


“Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, o ntshietse ditalenta tse pedi. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse pedi.’


“Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa;


Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?


“A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele: ‘O na le molato o mokae ho monga ka?’


“A ntano re ho e mong: ‘Wena molato wa hao o mokae?’ “Eo a re: ‘Ke ditekanyo tse lekgolo tsa koro.’ “A re ho yena: ‘Nka lengolo la hao la molato, o ngole mashome a robedi.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos