Mattheu 11:23 - BIBELE23 Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)23 Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT23 Le wena Kapernauma, o phahamiseditseng lehodimong, o tla theolelwa diheleng; Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202423 Le wena Kapernauma, o phahamiseditseng lehodimong, o tla theolelwa diheleng; Ver Capítulo |
Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.