Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:20 - BIBELE

20 Yaba o qala ho nyatsa metse eo a neng a entse bongata ba diketso tsa hae tse hlollang ho yona, kahobane ha e a ka ya baka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mohlang oo, Jesu a qala ho omanya metse eo a entseng mehlolo e mengata ho yona, kahobane e sa ka ya baka, a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Yaba o qala ho omanya metse eo mehlolo e mengata e entsweng ho yona, kahobane e ne e sa ka ya baka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Yaba o qala ho omanya metse eo mehlolo e mengata e entsweng ho yona, kahobane e ne e sa ka ya baka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:20
17 Referencias Cruzadas  

Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng.


Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase.


Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”


O re tlisetsa ditaba ding, tse re hlohlontshang ditsebe? Ka baka leo, re rata ho tseba hore na ekaba tsena di bolela eng.”


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.


Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.


Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos