Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:12 - BIBELE

12 A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 A araba, a re ho bona: Elia o tla tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, le ho nyediswa?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 A araba, a re ho bona: Elia o tla tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, le ho nyediswa?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:12
30 Referencias Cruzadas  

Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.


Batho ba bangata ba ne ba mo makaletse, tshobotsi ya hae e ne senyehile ho feta ya bohle, sebopeho sa hae se sa tshwane le sa batho.


Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


O tla boelanya bo-ntata le bana ba bona, ho seng jwalo ke tla tla, ke otle lefatshe ka thohako.”


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;


Empa ke a le bolella: Elia o ile a tla, mme ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng, jwalokaha ho ngotswe ka yena.”


hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”


Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,


Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato.


Se seng sa disenyi tse fanyehilweng se ne se mo nyefola, se re: “Na ha o Kreste na? Ipholose, le rona o re pholose!”


Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?”


Jesu ke yena eo e leng “ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos