Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 7:9 - BIBELE

9 A boela a re ho bona: “Le tseba hantle ho beela taelo ya Modimo kathoko, e le hore le boloke meetlo ya lona!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A re ho bona: Haele hantle, le hana taelo ya Modimo, le tle le boloke moetlo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A re ho bona: Haele hantle, le hana taelo ya Modimo, le tle le boloke moetlo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:9
16 Referencias Cruzadas  

Morena, ke nako ya hore o sebetse, hobane ba tlotse Molao wa hao.


Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle.


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.


Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.”


Ho latela moetlo wa baholoholo, Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ba sa hatlela ka hloko,


Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?”


Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.


Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.


Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo.


Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!”


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos