Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 7:6 - BIBELE

6 A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A ba araba, a re ho bona: Esaia o ne a porofete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa dipelo tsa bona di hole le nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 A araba, a re ho bona: Esaia o na a porofetile hantle bakeng sa lona baikaketsi, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo feela, empa dipelo tsa bona di hole le nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 A araba, a re ho bona: Esaia o na a porofetile hantle bakeng sa lona baikaketsi, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo feela, empa dipelo tsa bona di hole le nna.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:6
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Ha ke ne ke sa ka ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng le ya mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ba bone, mme ba hloile rona le Ntate.


empa ke a le tseba: Ha le na lerato la Modimo ka ho lona.


Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,


ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos