Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 3:21 - BIBELE

21 Ha ba habo ba utlwa hona, ba ya ho ya mo tshwara, hobane ba ne ba re ha a sa nka hantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Yare ha metswalle ya hae e utlwa, ya tswa ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: O a hlanya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Yare ha metswalle ya hae e utlwa, ya tswa ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: O a hlanya.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 3:21
8 Referencias Cruzadas  

Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”


Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.


A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!


Yaba mma Jesu le bana babo Jesu ba a fihla; ba ema kantle, ba mo laetsa hore a tle ho bona.


Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”


Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”


Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos