Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:9 - BIBELE

9 “Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:9
37 Referencias Cruzadas  

Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”


Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe.


Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi.


Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”


Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.


Tsena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ya Modimo, e le hore le tle le be ba lokelang Mmuso wa Modimo, oo le hlokofatswang ka baka la wona.


Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.


Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos