Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 1:8 - BIBELE

8 Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:8
19 Referencias Cruzadas  

Hoja le ka mamela kgalemo ya ka, pelo ya ka nkabe ke le bulela yona, mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.


ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng.


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


“Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono.


“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae.


Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne.


Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng,


Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’


Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.”


Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,


“ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos