Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:16 - BIBELE

16 Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:16
64 Referencias Cruzadas  

La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”


Ha kgosi e se e dutse, e tsitsitse tlung ya yona, Morena a se a e phomoditse kahohle ho dira tsa yona,


Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.


Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo.


“E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, moo a tla kgumamellwa teng.


Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


Ha etswa patlisiso, mme ha fumanwa taba ena e le nnete. Banna bao ba babedi ba fanyehwa sefateng. Taba ena ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, moo kgosi e ntseng e bona.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.


Ke tla binela Morena ha ke ntse ke phela, ke roke Modimo bophelong ba ka bohle.


Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo.


Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.


Lentswe le eso be teng lemeng la ka, o se o le tseba hantle, Morena.


o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae.


Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.


Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao.


O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?


Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.


Ha pelo ya ka e touta haholo, matshediso a hao a hlabolla moya wa ka.


Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.”


Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


“Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,


“Ruri ke utlwile Efraime a itelela, a re: ‘Wena o ile wa nkotla, wa nkotla sa pohwana, pohwana ya lethapisana; nkgutlise ke hona, mme ke tla kgutla, hobane wena o Morena, Modimo wa ka.


Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng.


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.


Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.


Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng.


E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos