Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:16 - BIBELE

16 “Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:16
13 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, boikgohomoso ke sefaha, ke sefaha melaleng ya bona, sehloho ke seaparo seo ba se apereng.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Mora wa ka, ho ya kang ha sehlola se o hohela? O manamelang fubeng sa mosadi wa motho?


Moalo o mokgutshwanyane hoo o ke keng wa nama, kobo e nyenyane hoo o ke keng wa ikatela.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere.


“E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng ke monna e mong, o a feba.”


Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos