“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: ‘Molaetsa wa Morena ke ofe?’ Wena o tle o re ho bona: ‘Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,’ ho rialo Morena.
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:
Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:
Ona ke molaetsa wa Morena: Molaetsa o fihlile naheng ya Hadarake, mme o tla hlola motseng wa Damaseka. Motsemoholo wa Arame ke wa Morena, le merabe yohle ya Iseraele ke ya hae.
Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.