Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:45 - BIBELE

45 Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, ya ba sirela, hore ba se ke ba e utlwisisa, mme ba tshaba ho mmotsa hodima lentswe leo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

45 Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, mme e ne e patehile ho bona, hore ba se ke ba e lemoha; mme ba tshaba ho mmotsa ka polelo eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, mme e ne e patehile ho bona, hore ba se ke ba e lemoha; mme ba tshaba ho mmotsa ka polelo eo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:45
15 Referencias Cruzadas  

Petrose a mo nkela kathoko, a mo kgalemela, a re: “Morena Modimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho wena.”


Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,


Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng.


Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.


Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.


Empa bona ba se ke ba utlwisisa taba eo a e buileng ho bona.


Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang.


Ho qaleng barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa ditaba tsena, empa yare ha Jesu a se a tlotlisitswe, ba hopola hore ditaba tsena di ne di ngotswe ka yena, mme tsena ba mo entse tsona.


Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”


Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”


Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos