Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:47 - BIBELE

47 Yare ha mosadi a bona hore ha a ya pateha, a tla ka thothomelo, a itihela fatshe pela hae, a bolela pela setjhaba sohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a fodisitsweng kateng hanghang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Yare mosadi eo ha a bona hobane ha a ka a pateha, a tla ka ho thothomela, a itihela pela hae, a bolela pontsheng ho batho kaofela seo a mo amileng ka baka la sona, le kamoo a phakisitseng a fodiswa kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Eitse ha mosadi a bona hoba ha a pateha, a tla a thothomela, a itihela pela hae, a bolela pontsheng ya batho bohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a phakisang a fodiswa kateng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Eitse ha mosadi a bona hoba ha a pateha, a tla a thothomela, a itihela pela hae, a bolela pontsheng ya batho bohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a phakisang a fodiswa kateng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:47
18 Referencias Cruzadas  

Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo.


Ke a fokola, ke robehile ditho, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka.


Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


Tsa Efraime ke di tseba sethapo, tsa Iseraele hase bofihla ho nna. Wena Efraime, o etsa bootswa, Iseraele yena o itshilafaditse.”


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae.


Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.


Empa Jesu a re: “Ho na le ya nkamileng, hobane ke utlwile hore matla a tswile ho nna.”


Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”


Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase.


Ke fihlile ho lona ke fokola, ke tshaba, mme ke thothomela haholo.


Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho,


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos