Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:39 - BIBELE

39 “Kgutlela hae, o yo bolela tsohle tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Yaba o tloha a eya le motse wohle, a phatlalatsa dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Boela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo o o etseditseng tsona. A ya, a bolella ba motse kaofela tseo a di etseditsweng ke Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Kgutlela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo a o entseng tsona. Yaba o a ikela, a bolela motseng wohle kamoo Jesu a mo entseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Kgutlela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo a o entseng tsona. Yaba o a ikela, a bolela motseng wohle kamoo Jesu a mo entseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:39
13 Referencias Cruzadas  

Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Yare ha a kena ka sekepeng, monna ya neng a ena le modemona a kopa hore a tsamaye le yena.


Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: “Eya hae, ho ba heno, o ba bolelle tsohle tseo Morena a o etseditseng tsona, ka ho o utlwela bohloko.”


Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re:


Ha Jesu a kgutla, a amohelwa ke letshwele, hobane bohle ba ne ba mo lebeletse.


“Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”


Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos