Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:14 - BIBELE

14 Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Yaba o atamela, a ama selao, mme ba jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yaba o atamela, a ama selao, mme ba jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:14
20 Referencias Cruzadas  

A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.”


Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela.


le motho o a robala, a roballe ruri! Ho fihlela ha mahodimo a fela, batho ba ke ke be ba tseba le ho phaphama, kapa ho tsoswa phumeng sa bona sa boroko.


Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae.


Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.


Jwalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phedisa, le Mora o phedisa jwalo bao a ratang ho ba phedisa.


Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.


Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos