Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:12 - BIBELE

12 Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Eitse ha a atamela kgoro ya motse, a bona ho jerwe mofu, e le mora a le mong wa mmae, eo e neng e le mohlolohadi, mme letshwele le leholo la motse le ne le ena le yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Eitse ha a atamela kgoro ya motse, a bona ho jerwe mofu, e le mora a le mong wa mmae, eo e neng e le mohlolohadi, mme letshwele le leholo la motse le ne le ena le yena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:12
20 Referencias Cruzadas  

La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”


Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”


Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”


Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”


“Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”


Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”


Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa.


Ya kgatheng la ho shwa o na ntlhohonolofatsa, mohlolohadi yena ke thabisa pelo ya hae.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.


Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.


Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos