Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:34 - BIBELE

34 Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 A re ho bona: “Na le ka itima dijo banyadi ha monyadi a ntse a ena le bona?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 A re ho bona: “Na le ka itima dijo banyadi ha monyadi a ntse a ena le bona?

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:34
18 Referencias Cruzadas  

Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa.


Moratuwa wa hao o ile kae, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o nkile efe tsela, re tle re tsebe ho o batlisa yena?


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela.


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


“Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo.


Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.


Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.”


Empa ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba tla itima dijo matsatsing ao.”


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos