Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:24 - BIBELE

24 Empa hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena: Ema, nka diphate tsa hao, eya tlung ya hao!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale, — hore le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe, — a re ho ya omeletseng ditho: Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:24
26 Referencias Cruzadas  

Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.


Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?”


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”


Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang.


Banna ba nkileng monna ya shweleng ditho ka diphate, ba leka ho mo kenya le ho mmea kapele ho Jesu.


Ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa e le ho re: ‘Ema, o tsamaye’?


Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!”


Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!”


Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!”


jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho.


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho.


a bua ka lentswe le phahameng, a re: “Ema ka maoto, o otlolohe!” Yaba o tlolela hodimo, o a tsamaya.


Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.


Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos