Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 3:16 - BIBELE

16 Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Johanne a araba, a re ho bona bohle: “Ruri, nna ke le kolobetsa ka metsi; empa ho tla e mong ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae: o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Johanne a araba, a re ho bona bohle: “Ruri, nna ke le kolobetsa ka metsi; empa ho tla e mong ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae: o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo;

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:16
24 Referencias Cruzadas  

Hoja le ka mamela kgalemo ya ka, pelo ya ka nkabe ke le bulela yona, mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.


ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng.


Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng,


ya tlang kamorao ho nna, eo nna ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la moqathatso wa hae.”


Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’


Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”


Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.”


Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos