Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:51 - BIBELE

51 Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

51 Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nkelwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

51 Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nkelwa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:51
9 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.


Hoba ba mo kgumamele, ba kgutlela Jerusalema ka nyakallo e kgolo,


Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”


Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos