Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:26 - BIBELE

26 Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Na Kreste o ne a sa tšoanela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo, le ho kena khanyeng ea hae?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Na Kreste o ne a sa tšoanela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo, le ho kena khanyeng ea hae?

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:26
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o nka patsi ya setjheso, o e jarisa mora wa hae Isaka; yena a nka mollo le thipa, ba tsamaya mmoho ba babedi.


Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’ ”


Jwale ha a tsohile bafung, barutuwa ba hae ba hopola hore o ne a rialo, mme ba dumela Mangolo le boporofeta boo Jesu a bo boletseng.


hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.


A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos