Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:43 - BIBELE

43 A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Kajeno o tla ba le nna Paradeiseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Kajeno o tla ba le nna Paradeiseng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:43
22 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”


Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.”


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos