Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:61 - BIBELE

61 Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

61 Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

61 Morena a reteleha, a tadima Petrose. Yaba Petrose o elellwa lentswe la Morena, kamoo a mmoletseng kateng, a re: Pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

61 Morena a reteleha, a tadima Petrose. Yaba Petrose o elellwa lentswe la Morena, kamoo a mmoletseng kateng, a re: Pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:61
19 Referencias Cruzadas  

O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”


Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.


Yare ha Jesu a hlokomela hore matla a tswile ho yena, a retelehela ho letshwele, a re: “Ke mang ya amileng diaparo tsa ka?”


Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,


Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.”


Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.


A tswela kantle a lla habohloko.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”


Jesu a araba, a re: “Na o tla ntella bophelo ba hao na? Kannetenete, ke a o bolella: Mokoko o eso lle, o tla be o se o ntatotse hararo.”


Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho.


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos