Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:44 - BIBELE

44 Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 Mme a le bohlokong bo boholo, a rapela ka matla, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Mme a le bohlokong bo boholo, a rapela ka matla, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:44
16 Referencias Cruzadas  

Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae?


Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos