Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:18 - BIBELE

18 hobane ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela Mmuso wa Modimo o etla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tle ho be ho fihle mmuso wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Hobane ke re ho lona: Nke ke ka nwa ditholwana tsa morara, ho fihlela mmuso wa Modimo o tla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane ke re ho lona: Nke ke ka nwa ditholwana tsa morara, ho fihlela mmuso wa Modimo o tla.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:18
22 Referencias Cruzadas  

le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”


A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, mme bohle ba nwela ho sona.


Kannete ke a le bolella, ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa se le setjha Mmusong wa Modimo.”


Ba mo fa veine e tswakilweng ka mmira, empa yena a e hana.


Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.”


Ka mokgwa o jwalo le lona, ha le bona tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi.


hobane ke a le bolella hore ha nka ke ka e ja ho fihlela e phethahatswa Mmusong wa Modimo.”


Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”


O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,


“Sefate sa morara sa re ho tsona: ‘Le re ke tlohele veine ya ka e thabisang Modimo le batho, ke nne ke yo fokaela hodima difate?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos