Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:8 - BIBELE

8 A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ ba be ba re: ‘Nako e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; mme nako e ntse e atamela: le se ke la ba sala morao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; mme nako e ntse e atamela: le se ke la ba sala morao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:8
26 Referencias Cruzadas  

“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Se dumeleng ho thetswa ke baporofeta ba lona le dinohe tse phelang hara lona; le se ke la kgolwa ditoro tsa lona, tseo le reng mathuela a di lore.


Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ba tla re ho lona: ‘Bonang, o mane!’ kapa: ‘Bonang, o mona!’ Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.


Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”


Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela.


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela.


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.


Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos