Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:21 - BIBELE

21 Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua le ho ruta ka ho loka; ha o tadime tshobotsi ya motho, o mpa o hlile o ruta tsela ya Modimo kannete.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua, o ruta hantle, mme ha o nke tshobotsi ya motho, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua, o ruta hantle, mme ha o nke tshobotsi ya motho, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:21
16 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”


Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.


Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?”


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos