Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:16 - BIBELE

16 O tla tla, a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.” Yare ha ba utlwa hoo, ba re: “A ho se be jwalo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O tla tla, a timetse balemi bao; mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Ha ba utlwa hoo, ba re: ho se ke ha eba jwalo!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:16
24 Referencias Cruzadas  

Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.


Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”


Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.


“Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


Yaba ba mo lahlela kantle ho tshimo, ba a mmolaya. “Ekaba monga tshimo o tla ba etsa jwang?


Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.


Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.


Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa.


Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.


Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe: “O tla fumanwa o lokile dipolelong tsa hao, o tla hlola nyewe ha o qoswa.”


Le kgale! Ho seng jwalo, Modimo a ka ahlola lefatshe jwang?


Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!


Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?


Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.


Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”


Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale!


Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!


“Empa haeba, ha re ntse re batla ho lokafatswa ka Kreste, le rona re fumanwa re le baetsadibe, na ke ho re Kreste ke mokgothaletsi wa sebe? Le kgale!


Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.


Nna ke mpe ke se ithorise ka letho, haese feela ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona ho nna lefatshe le thakgisitsweng, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos