Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:14 - BIBELE

14 “Empa ha balemi ba mmona, ba buisana ba le bang, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, hore lefa e tle e be la rona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa balemi, yare ha ba mmona, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Empa balemi, ha ba mmona, ba eletsana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa balemi, ha ba mmona, ba eletsana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:14
20 Referencias Cruzadas  

Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao.


O tla re ho nna: ‘O ntate, wena Modimo wa ka, lefika le mpholosang.’


Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke hobane ha re a tla le bohobe!”


Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.


Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.


O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,


“Jwale monga tshimo a re: ‘Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.’


Yaba ba mo lahlela kantle ho tshimo, ba a mmolaya. “Ekaba monga tshimo o tla ba etsa jwang?


Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho.


Ba buisana ba le bang, ba re: “Haeba re ka re: ‘Lehodimong,’ o tla re: ‘Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?’


Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki.


Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.


empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos