Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:46 - BIBELE

46 Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

46 Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba a ba botsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba a ba botsa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:46
13 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la boraro bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.”


Rehoboame a re ho bona: “Ako mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.


Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.


Jesu a mo araba, a re: “O moruti wa Iseraele, empa ha o utlwisise ditaba tsee?


Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae.


Ba batla ho ba baruti ba Molao, empa ba hloka kutlwisiso ya tseo ba di bolelang, leha e le ya tseo ba di buang ba sa thekesele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos