Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:26 - BIBELE

26 O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O ne a senoletswe pele ke Moya o Halalelang hoba a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mme a senolelwa ke Moya o Halalelang, hore a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme a senolelwa ke Moya o Halalelang, hore a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:26
20 Referencias Cruzadas  

Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.


“Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao;


Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”


Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


“Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”


Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.”


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”


“Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”


mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.


Ka tumelo Henoke o ile a nkelwa lehodimong, a sa ka a shwa. Ha a a ka a hlola a fumanwa, hobane Modimo a ne a mo nke. Efela, pele a nkwa, o ne a pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos