Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:5 - BIBELE

5 Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare ha Jesu a etla moo, a lelala hodimo, a mmona, mme a re ho yena: Sakea, phakisa o theohe; hobane e ka kgona ke fapohele tlung ya hao kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Eitse ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala, a mmona, a re ho yena: Sakea, ako phakise, o theohe; gobane lehono ke swanetše go dula ntlong ya gago.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Eitse ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala, a mmona, a re ho yena: Sakea, ako phakise, o theohe; gobane lehono ke swanetše go dula ntlong ya gago.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:5
17 Referencias Cruzadas  

Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


“ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”


hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.


A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.


A phakisa a theoha, mme a mo amohela ka thabo.


Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?” Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”


Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong,


Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos