Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:42 - BIBELE

42 a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 a re: Hoja o tsebile, le wena letsatsing lena, dintho tsa kgotso ya hao! empa jwale, di patetswe mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 A re: Hoja o tsebile, le wena letsatsing lena, dintho tsa kgotso ya hao! empa jwale, di patetswe mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:42
35 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona.


Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona.


Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.


“Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”


O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.


Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.


Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.


kaha o thwe: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla ba mo fetohelang.”


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos