Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:16 - BIBELE

16 Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jesu o ba bitsa, a re: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Jesu a ba biletsa ho yena, a re: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Jesu a ba biletsa ho yena, a re: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:16
14 Referencias Cruzadas  

Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.


Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.


Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”


Jwale batho ba tlisa le masea ho Jesu hore a tle a a ame, empa ha barutuwa ba bona hoo, ba ba kgalemela.


Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”


Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela.


bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi.


Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona.


Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos