Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:26 - BIBELE

26 “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo mehleng ya Mora motho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tla ba jwalo le mehleng ya Mora motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tla ba jwalo le mehleng ya Mora motho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:26
16 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”


Empa Nowe yena a hauhelwa ke Morena.


Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!”


A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.


Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.


batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.


“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’


Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?”


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.


Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos