Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:14 - BIBELE

14 Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Le Bafarisi, e leng ba ratang leruo, ba utlwa tsena tsohle, mme ba mo soma.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Le Bafarisi, e leng ba ratang leruo, ba utlwa tsena tsohle, mme ba mo soma.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:14
18 Referencias Cruzadas  

Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng.


“Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”


Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele.


Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos