Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:6 - BIBELE

6 mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna; hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna; hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:6
19 Referencias Cruzadas  

Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng; ako batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale melao ya hao.


Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.


Ha a e fumane, a e jare a thabile,


Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo.


mme kamehla ha ke le rapella bohle, ke ka thabo ke rapelang,


Le haeba madi a ka a ka tshollelwa ho ba sehlabelo ho Modimo, se kopanang le nyehelo le tshebeletso ya tumelo ya lona, hoo ho tla nthabisa, mme ke tla thaba le lona bohle.


Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.


Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?


Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos