Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:18 - BIBELE

18 Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke tla tsoha, ke ye ho ntate; mme ke tla re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ke tla tloha ke ye ho Ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le pela hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ke tla tloha ke ye ho Ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le pela hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:18
36 Referencias Cruzadas  

Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.


Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.


Se hlokise ngwana wa hao kgalemo, thupa ke mosesetso e ke ke ya mmolaya.


Wena Morena, ke wena ntata rona, le hoja Aborahama a sa re tsebe, le Iseraele a sa re letho ka rona, oho, wena Morena, ke wena ntata rona, Molopolli wa rona: Ke bitso la hao la kamehla yohle.


Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


A obamele fatshe ho hlompha Morena, mohlomong thuso e ka nna ya mo hlahela.


A re hlahlobeng tsela tsa rona, re di lekole, ebe re boela re kgutlela ho Morena.


Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang.


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”


ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


“Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela;


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?


A re ho bona: “Ha le rapela, le re: “Ntate, Lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle;


“Eitse hoba a ikelellwe, a re: ‘Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.


Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.’


“Mora a re ho yena: ‘Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.’


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos