Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:13 - BIBELE

13 “Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole;

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:13
35 Referencias Cruzadas  

Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi.


Ya hlanyetsang menyaka o tla fumaneha, ya ratang veine le dimenyemenye ha a ka ke a rua.


Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele.


Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.


Ya bolokang molao ke mora ya bohlale, ya tlwaetseng menyollo o hlabisa ntatae dihlong.


Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae.


hoba seotswa, le ka sengwatho o ka se reka, athe sehlola sona se tsoma bophelo ba hao.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!”


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ”


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?


“Lona tjhaba sa ka ebe ke le entseng? Ke le imeditse kang? Nkarabeng hle!


E monyenyane a re ho ntatae: ‘Ntate, mphe karolo ya leruo eo e leng ya ka.’ A ba arolela leruo la hae.


Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka.


empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’


Jesu a boela a re ho barutuwa: “Ho ne ho ena le morui ya nang le mookamedi wa ntlo, mme eo a qoswa ho yena, ha thwe o hafa maruo a monga hae.


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.


O tlile ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ho lona ba leng hole, le ho ba leng haufi.


ba amohele moputso wa bokgopo boo ba bo entseng. Boithabiso ba bona ke ho qeta letsheare lohle ba le meketeng ya dijo le dino. Ke tlontlollo le mahlabisadihlong hore ba je le lona, athe ba ithabisa ka mekgwa ya bona e kgelosang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos