Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:54 - BIBELE

54 ba ntse ba mo tjhehile, hore ba tle ba tshwase ho hong ho ka tswang molomong wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Ba ne ba mo laletse, ba tle ba tshware taba e ka tswang molomong wa hae, eo ba ka mo qosang ka yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

54 Ba mo lalla, ba batla ho tshwara ho hong ho tswang molomong wa hae, ba tle ba mo qose.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

54 Ba mo lalla, ba batla ho tshwara ho hong ho tswang molomong wa hae, ba tle ba mo qose.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:54
12 Referencias Cruzadas  

Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”


Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae.


Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang?


E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena:


Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae.


Batho ba mo tlisa, ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha, ba tle ba mo qose.


Hoba a tlohe moo, Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho mo hlonamela hampe, ba leka ho mmuisa tse ngata,


Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.


Ba sitwa ho mo tshwasa ka dipuo pontsheng ya setjhaba, ba makalla karabo ya hae, mme ba kgutsa.


Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos