Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:39 - BIBELE

39 Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Morena a re ho yena: Lona bafarisi, le hlatswa sejana le mokeke kantle, kanthe kahare ho lona ho tletse boshodu le lonya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Morena a re ho yena: Jwale, lona Bafarisi le hlatswa senwelo le mokeke bokantle; empa bokahare ba lona bo tletse boshodu le bokgopo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Morena a re ho yena: Jwale, lona Bafarisi le hlatswa senwelo le mokeke bokantle; empa bokahare ba lona bo tletse boshodu le bokgopo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:39
26 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng ka pelo ya hae yohle.


Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;


Motho ya leme le monate a le pelo e mpe, o jwaloka pitsa ya letsopa e homilweng ka manya a silefera.


Leha a ka bua hamonate o se mo kgolwe, hobane bobe bo kgaphatseha pelong ya hae.


Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona.


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


Kahare ho naha ena ho na le morero wa sekgukgu, o rerwang ke baporofeta. Ba puruma jwaloka tau ha e harola nyamatsane. Ba bolaya batho, ba nke maruo a bona le thepa ya bona ya bohlokwa, mme basadi ba bangata ba fetohe bahlolohadi.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”


O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.


Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.


Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?


Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo.


ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.


Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos