Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:31 - BIBELE

31 Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le banna ba moloko wona, mme o tla ba tswa; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Salomone, mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le batho ba moloko ona, a ba ahlole; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le batho ba moloko ona, a ba ahlole; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:31
11 Referencias Cruzadas  

Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.


Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi.


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”


Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!”


Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos