Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:26 - BIBELE

26 ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jwale o ye, o late meya e mong e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa morao di fetise tsa pele ka ho dula hampe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo; mme ba kene, ba ahe teng: mme boemo ba ho qetela ba motho eo bo mpe ho feta ba pele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo; mme ba kene, ba ahe teng: mme boemo ba ho qetela ba motho eo bo mpe ho feta ba pele.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:26
11 Referencias Cruzadas  

Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.


Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.


Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;


Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!”


Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.”


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos