Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:29 - BIBELE

29 Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Empa yena, ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: Moahelani wa ka ke mang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Empa yena, ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: Moahelani wa ka ke mang?

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:29
11 Referencias Cruzadas  

Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.


Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.


A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.


“Ho ba bararo bao, o re eo e bileng wa habo motho ya ileng a wela hara dinokwane ke mang na?”


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,


Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo.


Jwale ho pepenene hore mahlong a Modimo motho ha a lokafatswe ka baka la Molao, hobane, “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”


Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos