Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:65 - BIBELE

65 Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

65 Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

65 Tšabo ya wela bohle ba ahileng mathokong a bona, mme ditaba tseo tsa utlwahala hohle dithabeng tsohle tsa Judea.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

65 Tšabo ya wela bohle ba ahileng mathokong a bona, mme ditaba tseo tsa utlwahala hohle dithabeng tsohle tsa Judea.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:65
12 Referencias Cruzadas  

Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea.


Bohle ba utlwang ba makalla tseo ba di bolellwang ke badisa;


Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”


Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”


Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.


Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata.


Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”


Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos