Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:36 - BIBELE

36 Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena e se e le ya botshelela ya hae, ya bitswang nyopa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena e se e le ya botshelela ya hae, ya bitswang nyopa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:36
10 Referencias Cruzadas  

Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.


Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.


Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.


Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona.


Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.


Ke nako ya ho tswalwa le nako ya ho shwa, nako ya ho hloma le nako ya ho hlomola;


Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.


hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.”


Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha.


Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos