Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 9:4 - BIBELE

4 Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le nke le kgomo le pheleu tsa sehlabelo sa teboho, tse tla hlajwa pela Jehova; le nke le nyehelo e dubilweng ka ole; hobane kajeno, Jehova o tla iponahatsa ho lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 9:4
18 Referencias Cruzadas  

Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.


Tlotla ya Morena ya eba hodima thaba ya Sinai, mme leru la e aparela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa, Morena a le kahara leru, a bitsa Moshe.


Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.”


“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,


“ ‘Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha.


Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.


Ho bana ba Iseraele o re: ‘Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.


Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena.


Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.”


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos